14 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona.+ Ba bua le lōna ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata le bonohe le ntho ea lefeela+ le ho qhekella ha lipelo tsa bona.+
8 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Baprofeta ba lōna ba har’a lōna le linohe tsa lōna li se ke tsa le thetsa,+ ’me le se ke la mamela litoro tsa tsona tseo li li lorang.+
2Leha ho le joalo, ho ile ha boela ha e-ba le baprofeta ba bohata har’a batho, joalokaha ho tla boela ho be le mesuoe ea bohata har’a lōna.+ E tla tlisa ka lenyele maquloana a timetsang ’me e tla latola esita le monghali ea e rekileng,+ e itlisetsa timetso e potlakileng.