6 Jehova Molimo oa hao o tla lokela ho bolotsa pelo+ ea hao le pelo ea bana ba hao,+ e le hore u ka rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle ka lebaka la bophelo ba hao.+
7 Ke tla ba fa pelo ea ho ntseba,+ hore ke ’na Jehova; ’me e tla ba sechaba sa ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa bona, etsoe ba tla khutlela ho ’na ka lipelo tsohle tsa bona.+
29 Empa Mojuda ke eo e leng eena ka hare,+ ’me lebollo la hae ke la pelo+ ka moea, eseng ka molao o ngotsoeng.+ Thoriso+ ea eo ha e tsoe ho batho, empa e tsoa ho Molimo.+
22 Kahoo, u balehele litakatso tsa tlhaho tsa bocha,+ empa u phehelle ho loka,+ tumelo, lerato, khotso,+ hammoho le ba ipiletsang ho Morena ho tsoa pelong+ e hloekileng.