Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 33:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ke tla ba hloekisa liphosong tsohle tsa bona tseo ba ntšitetsoeng ka tsona,+ ke tla tšoarela liphoso tsohle tsa bona tseo ba ntšitetsoeng ka tsona le tseo ba nketselitseng tlōlo ka tsona.+

  • Jeremia 50:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “Matsatsing ao le ka nako eo,”+ ho bolela Jehova, “phoso ea Iseraele e tla batloa,+ empa e ke ke ea e-ba teng; libe tsa Juda li tla batloa,+ empa li ke ke tsa fumanoa, etsoe ke tla tšoarela bao ke ba sieang.”+

  • Mikea 7:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ke mang Molimo ea kang uena,+ ea tšoarelang phoso le ea tlohelang tlōlo+ ea masala a lefa la hae?+ Ka sebele a ke ke a tšoarella bohaleng ba hae ka ho sa feleng, etsoe o thabela mosa o lerato.+

  • Matheu 26:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 kaha sena se bolela+ ‘mali+ a selekane’+ a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata+ bakeng sa tšoarelo ea libe.+

  • Baroma 11:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Sena ke selekane sa ka le bona,+ ha ke tlosa libe tsa bona.”+

  • Baheberu 8:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Etsoe ke tla ba mohau liketsong tsa bona tse sa lokang, ’me ho hang ha ke sa tla hlola+ ke hopola libe+ tsa bona.’”

  • Baheberu 9:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Kahoo ke ka lebaka leo e leng mokena-lipakeng+ oa selekane se secha, e le hore, kahobane lefu le bile teng hore ba lokolloe ka thekollo+ litlōlong tlas’a selekane+ sa pele, ba bitsitsoeng ba ka amohela tšepiso ea lefa+ le sa feleng.

  • Baheberu 10:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 ka mor’a moo o re: “Ho hang ha ke sa tla hlola ke hopola+ libe tsa bona le liketso tsa bona tse sa eeng ka molao.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela