Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 5:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Ke ka lebaka leo bohale ba Jehova bo tuketseng sechaba sa hae, ’me o tla otlolla letsoho la hae khahlanong le sona a se bolaee.+ Lithaba li tla tsukutleha,+ ’me litopo tsa sona li tla tšoana le lithōle literateng.+

      Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

  • Ezekiele 38:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ka lebaka la ka litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le libata tsa naha le lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng le moloko oohle oa batho o holim ’a lefatše o tla tlameha ho thothomela,+ ’me lithaba li tla heletsoa+ le litsela tse motheō li tla lokela ho oa, lerako le leng le le leng le tla oela fatše.’

  • Nahume 1:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Lithaba li reketlile ka lebaka la hae, le maralla a ile a qhibiliha.+

      Lefatše le tla phahama ka lebaka la sefahleho sa hae; le naha e behang, le bohle ba lulang ho eona.+

  • Habakuke 3:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 O ile a ema a sa sisinyehe, e le hore a ka sisinya lefatše.+ O ile a bona, joale a etsa hore lichaba li tlōle.+

      Lithaba tsa ka ho sa feleng li ile tsa thuhakanngoa;+ maralla a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang a inama.+ Metsamao ea khale ke ea hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela