Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 32:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Phetetso ke ea ka, le tefetso.+

      Ka nako e behiloeng maoto a bona a tla therekela,+

      Etsoe letsatsi la koluoa ea bona le haufi,+

      Le liketsahalo tse ba loketseng lia potlaka.’+

  • Pesaleme 94:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 94 Molimo oa liketso tsa phetetso, Jehova,+

      Molimo oa liketso tsa phetetso, u khanye!+

  • Esaia 34:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Etsoe Jehova o na le letsatsi la phetetso,+ selemo sa litefetso bakeng sa nyeoe ea Sione.+

  • Jeremia 50:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 “Bitsetsang Babylona ba fulang metsu, bohle ba hatakelang seqha.+ Hlomang liahelo khahlanong le eona ka hohle. Ho se ke ha e-ba le baphonyohi.+ E buseletseng ho ea ka mosebetsi oa eona.+ Ho ea ka sohle seo e se entseng, le e etse joalo.+ Etsoe e iketelelitse pele khahlanong le Jehova, khahlanong le Mohalaleli oa Iseraele.+

  • 2 Bathesalonika 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Sena ke ho ela hloko hore ho lokile hore Molimo a busetse matšoenyeho ho ba le tšoenyang,+

  • Tšenolo 18:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Etsoe libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla leholimong,+ ’me Molimo o hopotse liketso tsa hae tsa ho hloka toka.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela