Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 17:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 ha baa ka ba mamela empa ba ’na ba satalatsa melala+ ea bona joaloka melala ea baholo-holo ba bona ba neng ba sa ka ba bontša tumelo+ ho Jehova Molimo oa bona;

  • Nehemia 9:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Kahoo ba hana ho mamela,+ ’me ha baa ka ba hopola+ liketso tsa hao tse hlollang tseo u ileng ua li etsa ka bona, empa ba satalatsa melala ea bona+ ’me ba beha eo e leng hlooho+ hore ba khutlele bohlankeng ba bona Egepeta. Empa u Molimo oa liketso tsa tšoarelo,+ ea mosa+ le ea mohau,+ ea liehang ho halefa+ le ea tletseng+ mosa o lerato, ’me ha ua ka ua ba tlohela.+

  • Liproverbia 29:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Motho ea khalemeloang ka ho pheta-pheta+ empa a thatafatsa+ molala o tla robeha ka tšohanyetso, ’me o ke ke oa fola.+

  • Jeremia 19:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng, ‘Bonang! ke tlisetsa motse ona le metse eohle ea oona tlokotsi eohle eo ke e buileng khahlanong le oona, kahobane ba satalalitse melala hore ba se ke ba mamela mantsoe a ka.’”+

  • Baroma 2:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Empa ho ea ka bothata+ ba hao le pelo+ ea hao e sa bakeng u ipolokela khalefo+ ka letsatsi la khalefo+ le la ho senoloa+ ha kahlolo+ e lokileng ea Molimo.

  • Baroma 10:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Empa mabapi le Baiseraele o re: “Letsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka ho sechaba se sa mameleng+ le se arabisang.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela