6 Jehova Molimo oa hao o tla lokela ho bolotsa pelo+ ea hao le pelo ea bana ba hao,+ e le hore u ka rata Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle ka lebaka la bophelo ba hao.+
4 Ipolotseng ho Jehova, ’me le bolotse matlalo a lipelo tsa lōna,+ lōna banna ba Juda le baahi ba Jerusalema; hore khalefo ea ka e se ke ea tsoa joaloka mollo, ’me ka sebele ea tuka hoo ho seng ea ka e timang, ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea lōna.”+
29 Empa Mojuda ke eo e leng eena ka hare,+ ’me lebollo la hae ke la pelo+ ka moea, eseng ka molao o ngotsoeng.+ Thoriso+ ea eo ha e tsoe ho batho, empa e tsoa ho Molimo.+