Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 3:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ka mor’a moo Joshua a re: “Le tla tseba ka sena hore Molimo ea phelang o har’a lōna,+ le hore ruri o tla leleka ka pel’a lōna Bakanana le Bahethe le Baheve le Bapereze le Bagirgashe le Baamore le Bajebuse.+

  • Daniele 6:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Ke fana ka taelo+ ea hore, sebakeng se seng le se seng sa ’muso oa ka, batho ba lokela ho thothomela le ho tšoha ka pel’a Molimo oa Daniele.+ Etsoe ke Molimo ea phelang le Ea mamellang ho isa linakong tse sa lekanyetsoang,+ ’me ’muso+ oa hae ke o ke keng oa senngoa,+ ’me puso ea hae ke ea ka ho sa feleng.+

  • Johanne 6:57
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 57 Feela joalokaha Ntate ea phelang+ a nthomile ’me ke phela ka lebaka la Ntate, le ea ntjang, o tla phela ka lebaka la ka.+

  • 2 Bakorinthe 6:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 ’Me tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang?+ Etsoe re tempele+ ea Molimo ea phelang; feela joalokaha Molimo a ile a re: “Ke tla lula har’a bona+ ’me ke tsamaee har’a bona, ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.”+

  • 1 Bathesalonika 1:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Etsoe ba ntse ba tlaleha ka tsela eo re ileng ra kena ka eona pele har’a lōna le kamoo le ileng la retelehela ho Molimo ho tloha litšoantšong tsa lōna tse rapeloang+ hore le be makhoba a Molimo ea phelang+ le oa ’nete,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela