Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 6:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ka lebaka leo Jehova a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatšeng ’me tšekamelo+ eohle ea menahano ea pelo ea hae e mpe feela ka linako tsohle.+

  • Genese 8:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Jehova a qala ho fofonela monko o khathollang,+ kahoo Jehova a re ka pelong ea hae:+ “Le ka mohla nke ke ka hlola ke rohaka lefatše+ ka lebaka la motho, hobane tšekamelo+ ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae;+ ’me le ka mohla nke ke ka hlola ke otla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang feela joalokaha ke entse.+

  • Liproverbia 28:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Ea tšepang pelo ea hae o hloka kelello,+ empa ea tsamaeang ka bohlale ke eena ea tla phonyoha.+

  • Esaia 44:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 O ja molora.+ Pelo ea hae e thetsitsoeng e mo khelositse.+ Ha a lopolle moea oa hae, kapa a re: “Na ha ho na leshano letsohong la ka le letona?”+

  • Esaia 59:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ho bile le ho etsa tlōlo le ho latola Jehova;+ ho bile le ho tloha ho Molimo oa rōna, ho bua ka khatello le bofetoheli,+ ho nahana le ho honotha mantsoe a leshano ho tsoa ka pelong.+

  • Jakobo 1:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Empa e mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso+ ea hae.

  • Jakobo 1:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Haeba motho leha e le ofe a ipona eka ke morapeli+ ea khomaretseng molao leha ho le joalo a sa laole leleme+ la hae joalokaha eka ke ka tōmo, empa a tsoela pele ho thetsa pelo+ ea hae, mofuta oa borapeli oa motho enoa ke lefeela.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela