Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 16:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Empa Jehova a re ho Samuele: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae,+ kaha ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase [tsela eo Molimo a bonang ka eona],+ hobane motho o bona se bonahalang mahlong;+ empa ha e le Jehova, o bona seo pelo+ e leng sona.”

  • 1 Likronike 28:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Uena, mora oa ka Solomone, tseba+ Molimo oa ntat’ao ’me u mo sebeletse+ ka pelo+ e feletseng le ka moea+ o thabileng; etsoe Jehova o phenya+ lipelo tsohle, ’me o lemoha+ tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea menahano. Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane;+ empa haeba u mo tlohela,+ o tla u lahla ka ho sa feleng.+

  • Pesaleme 139:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka.+

      Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso,+

  • Liproverbia 17:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Pitsa ea ho hloekisa ke bakeng sa silevera ’me sebōpi ke bakeng sa khauta,+ empa Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo.+

  • Liproverbia 21:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea motho e lokile mahlong a hae,+ empa Jehova o lekanya lipelo.+

  • Baroma 8:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Empa leha ho le joalo ea phenyang lipelo+ oa tseba hore na sepheo sa moea+ ke sefe, hobane oona o kōpa ka tieo tumellanong le Molimo bakeng sa bahalaleli.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela