4 A nka khauta matsohong a sona, ’me a e bōpa+ ka kofuto e betlang ’me a e etsa seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa sa namane.+ Eaba se qala ho re: “Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.”+
28 Ka lebaka leo morena a tšoara therisano+ eaba o etsa manamane+ a mabeli a khauta ’me o re ho batho: “Ho boima haholo ho lōna ho nyolohela Jerusalema. Molimo oa hao ke enoa,+ Uena Iseraele, ea u ntšitseng naheng ea Egepeta.”+
29 E bile feela libe tsa Jeroboame+ mora oa Nebate, tseo ka tsona a neng a entse hore Baiseraele ba sitoe,+ tseo Jehu a sa kang a kheloha ho li latela, ke hore, manamane+ a khauta ao e ’ngoe ea ’ona e neng e le Bethele ’me e ’ngoe e le Dane.+
16 Ba ’na ba tlohela litaelo+ tsohle tsa Jehova Molimo oa bona ’me ba iketsetsa liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa,+ manamane+ a mabeli, ’me ba etsa palo e halalelang,+ eaba ba qala ho inamela makhotla ’ohle a maholimo+ le ho sebeletsa Baale;+