Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 5:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Bahlanka ba ka ba tla li theola ho tloha Lebanone+ ho ea leoatleng; ke tla li etsa likoqo tse matahantsoeng tse phaphamalang hore li tsamaee leoatleng ho ea fihla sebakeng seo u tla ntsebisa sona;+ ka sebele ke tla etsa hore li rathoe moo, ’me u tla li nka; u tla etsa seo ke se thabelang ka ho fa ba ntlo ea ka lijo.”+

  • 2 Likronike 2:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Bona! ba roallang patsi, ba remang lifate, ke ba fa koro hore e be lijo tsa bahlanka ba hao, likore tse likete tse mashome a mabeli,+ le likore tse likete tse mashome a mabeli tsa harese, le libate tse likete tse mashome a mabeli tsa veine,+ le libate tse likete tse mashome a mabeli tsa oli.”

  • Esdrase 3:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ba fana ka chelete+ ho ba thuhang majoe+ le ho litsebi tsa mesebetsi ea matsoho,+ le lijo+ le lino le oli+ ho Basidone+ le Batyre,+ hore ba tlose lifate tsa kedare Lebanone,+ ho li isa leoatleng le leng Jopa,+ ho ea ka tumello eo ba e filoeng ke Cyruse+ morena oa Persia.

  • Liketso 12:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Joale o ne a le boikutlong ba ho loana khahlanong le batho ba Tyre le Sidone. Kahoo ka tumellano ba tla ho eena ’me, ka mor’a ho susumetsa Blastase, ea neng a ikarabella kamoreng ea ho robala ea morena, ba qala ho kōpa khotso, hobane naha ea bona e ne e fepeloa ka lijo+ tse tsoang ho ea morena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela