6 Etsoe re tsoaletsoe ngoana,+ re filoe mora;+ ’me puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae.+ O tla rehoa lebitso la Moeletsi ea Hlollang,+ Molimo ea Matla,+ Ntate oa ka ho sa Feleng,+ Khosana ea Khotso.+
5 “Bonang! Matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla hlahisetsa Davida lehlōmela le lokileng.+ Ka sebele morena o tla busa+ ’me a etse ka masene ’me a phethise toka le ho loka naheng.+
2 “Uena Bethlehema Efratha,+ e monyenyane haholo hore u ka ba har’a likete tsa Juda,+ ho uena+ ho tla tsoa bakeng sa ka eo e tlang ho ba ’musi oa Iseraele,+ eo lesika la hae le tsoang linakong tsa pele, matsatsing a nako e sa lekanyetsoang.+