43 Ka sebele le tla hopola litsela tsa lōna+ le mesebetsi eohle ea lōna eo le itšilafalitseng ka eona,+ ’me le tla nyonya lifahleho tsa lōna ka lebaka la lintho tsohle tse mpe tseo le li entseng.+
8 “Efraime o tla re, ‘Ke sa tla etsa eng ka litšoantšo tse rapeloang?’+
“Ka sebele ke tla araba ’me ke tla ’ne ke mo talime.+ Ke joaloka sefate sa junipere se behang haholo.+ Ho ’na ho tla fumanoa litholoana tse ngata bakeng sa hao.”
2 “Letsatsing leo,” ho bolela Jehova oa mabotho, “ke tla tlosa mabitso a litšoantšo tse rapeloang naheng,+ ’me ha a sa tla hlola a hopoloa; hape ke tla etsa hore baprofeta+ le moea oa ho se hloeke li fete naheng.+