16 E setseng ho eona e tla jeoa+ ke Arone le bara ba hae. E tla jeoa e le mahobe a sa lomosoang+ sebakeng se halalelang. Ba tla e jella ka lebaleng la tente ea pokano.
13 Le e jelle sebakeng se halalelang,+ hobane ke kabelo ea lōna le kabelo ea bara ba lōna linyehelong tsa Jehova tse entsoeng ka mollo; etsoe ke kamoo ke laetsoeng kateng.
9 E tla ba ba Arone le ba bara ba hae,+ ’me ba bo jelle sebakeng se halalelang,+ hobane ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hae linyehelong tsa Jehova tse entsoeng ka mollo, e le molao oa tsamaiso ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”
10 U lokela ho e jella sebakeng se halalelang ka ho fetisisa.+ E mong le e mong e motona o lokela ho e ja.+ E lokela ho fetoha ntho e halalelang ho uena.+