-
Jobo 42:8Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
8 Joale inkeleng lipoho tse supileng le lipheleu tse supileng+ le ee ho mohlanka oa ka Jobo,+ ’me le nyehele sehlabelo sa secheso molemong oa lōna; ’me mohlanka oa ka Jobo o tla le rapella.+ Ke tla amohela sefahleho sa hae feela e le hore ke se ke ka etsa booatla bo nyelisehang ho lōna, etsoe ha lea bua ’nete ka ’na, joalokaha ho entse mohlanka oa ka Jobo.”+
-
-
Ezekiele 20:40Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
40 “‘Etsoe thabeng ea ka e halalelang, thabeng e phahameng ea Iseraele,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ke moo bona, bohle ba ntlo ea Iseraele kaofela ha bona, ba tla ntšebeletsa teng, naheng.+ Ke tla khahlisoa ke bona moo, ’me ke tla batla menehelo ea lōna moo le litholoana tsa pele tsa linyehelo tsa lōna linthong tsohle tsa lōna tse halalelang.+
-