29 Etsoe ruri ke tseba hantle hore ka mor’a lefu la ka le tla etsa ka mokhoa o senyang,+ ’me ka sebele le tla kheloha tseleng eo ke le laetseng eona; tlokotsi+ e tla le hlahela qetellong ea matsatsi, hobane le tla etsa se sebe mahlong a Jehova hore le mo siteloe ka mesebetsi ea matsoho a lōna.”+
7 Kahobane bara ba Iseraele ba ne ba sitetsoe+ Jehova Molimo oa bona, ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta ka tlas’a letsoho la Faro morena oa Egepeta,+ ’me ba qala ho tšaba melimo e meng;+
14 Esita le baokameli bohle ba baprista+ le batho ba etsa ka ho se tšepahale ka tekanyo e khōlō, ho ea ka lintho tsohle tse manyala+ tsa lichaba, hoo ba ileng ba silafatsa ntlo ea Jehova eo a neng a e halalelitse Jerusalema.+
4 Ho malimabe sechaba+ se nang le sebe, batho ba imetsoeng ke phoso, peō+ e etsang bobe, bara ba senyehileng!+ Ba tlohetse Jehova,+ ba hlompholotse+ Mohalaleli oa Iseraele, ba khutletse morao.+