7 Kahoo ha ba sa tla hlola ba etsa mahlabelo a bona bakeng sa bademona+ ba nang le sebōpeho sa pōli bao ba bang le likamano tse litšila le bona.+ Ena e tla ba taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa lōna, melokong eohle ea lōna.”’
3 Le se ke la etsa ka tsela eo naha ea Egepeta, eo le ileng la lula ho eona, e etsang ka eona;+ le se ke la etsa ka tsela eo naha ea Kanana, eo ke le isang ho eona, e etsang ka eona;+ ’me le se ke la tsamaea ka litaelo tsa bona tse hlomamisitsoeng.
17 Le ne le ee le bone lintho tsa tsona tse nyonyehang le litšoantšo tsa tsona tse rapeloang tse nyonyehang,+ lehong le lejoe, silevera le khauta, tseo li neng li e-na le tsona;)
14 “Joale tšabang Jehova+ ’me le mo sebeletse ka ho hloka molato le ka ’nete,+ ’me le tlose melimo eo baholo-holo ba lōna ba neng ba e sebeletsa ka lehlakoreng le leng la Nōka le Egepeta,+ ’me le sebeletse Jehova.