Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 19:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Moea oa Egepeta o tla ferekana ka hare ho eona,+ ’me ke tla nyopisa morero oa eona.+ Ka sebele ba tla retelehela ho melimo+ ea lefeela le ho baupelli le ho ba buisanang le meea le ho litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+

  • Esaia 47:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 U khathalitsoe ke baeletsi ba hao ba bangata. Joale, ba ke ba eme ’me ba u pholose, barapeli ba maholimo, ba talimang linaleli,+ ba fanang ka tsebo ka likhoeli tse thoasitseng mabapi le lintho tse tla u tlela.

  • Daniele 2:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Bakalde ba araba ka pel’a morena, ’me ba re: “Ha ho motho naheng e omileng ea ka khonang ho bolella morena taba ena, kahobane ha ho morena e moholo kapa ’musisi ea kōpileng ntho e kang ena ho moprista leha e le ofe ea sebelisang boselamose kapa senohe kapa Mokalde.

  • Daniele 2:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Daniele a araba ka pel’a morena ’me a re: “Sephiri seo morena a se kōpang, banna ba bohlale, linohe, baprista ba sebelisang boselamose le linohe tsa linaleli ha li khone ho se bolella morena.+

  • Daniele 4:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “Ka nako eo baprista ba sebelisang boselamose, linohe, Bakalde+ le linohe tsa linaleli+ tsa kena; ka bolela toro ka pel’a tsona, empa tsa se ke tsa ntsebisa tlhaloso ea eona.+

  • Daniele 5:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Morena o ne a hoeletsa ka lentsoe le phahameng hore ho tlisoe linohe, Bakalde le linohe tsa linaleli.+ Morena a bua ’me a re ho banna ba bohlale ba Babylona: “Motho leha e le ofe ea tla bala mongolo ona le ho mpolella tlhaloso ea oona, o tla apesoa bopherese,+ a roesoe sefaha sa khauta molaleng, ’me o tla busa e le oa boraro ’musong.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela