Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 14:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ruri u bolaile+ Edomo, ’me pelo ea hao e u phahamisitse.+ Thabela tlhompho+ ea hao ’me u lule ka tlung ea hao. Joale, ke hobane’ng ha u kenella ho qabaneng+ tlas’a maemo a sa khahliseng+ e le hore u oe, uena hammoho le Juda?”

  • 2 Likronike 26:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Leha ho le joalo, hang ha a le matla, pelo ea hae ea ikhohomosa+ ho fihlela boemong ba ho baka tšenyo,+ hoo a ileng a etsa ka ho se tšepahale ho Jehova Molimo oa hae ’me a kena ka tempeleng ea Jehova hore a chese libano holim ’a aletare ea libano.+

  • Liproverbia 16:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Boikakaso bo etella ho oa pele,+ ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.+

  • Ezekiele 28:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “Mor’a motho, e-re ho moeta-pele oa Tyre, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng:

      “‘“Ka lebaka la hore pelo ea hao e ikhohomositse,+ ’me u ntse u re, ‘’Na ke molimo.+ Ke lutse setulong sa molimo,+ bohareng ba leoatle le bulehileng,’+ athe u motho oa lefatše,+ eseng molimo,+ ’me u ntse u etsa hore pelo ea hao e be joaloka pelo ea molimo—

  • Daniele 5:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Empa ha pelo ea hae e ikhohomosa ’me moea oa hae o thatafala, e le hore a ka iketelletsa pele,+ a theoloa teroneng ea ’muso oa hae, ’me a amohuoa ho hlompheha ha hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela