12 Ka sebele o tla hlahisetsa lichaba pontšo ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele;+ ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa lipheletsong tse ’nè tsa lefatše.+
8 empa ba tla re, ‘Jehova oa phela ea ntšitseng le ea tlisitseng bana ba ntlo ea Iseraele naheng e ka leboea le linaheng tsohle tseo ke ba qhalakanyelitseng ho tsona,’ ’me ka sebele ba tla lula naheng ea bona.”+
12 Ho ea ka tlhokomelo ea ea fepang mohlape oa hae+ letsatsing la ha a le ka har’a linku tsa hae tse hasantsoeng hohle,+ ke tsela eo ke tlang ho hlokomela linku tsa ka ka eona; ’me ke tla li lopolla libakeng tsohle tseo li hasantsoeng ho tsona letsatsing la maru le la botšo bo boholo.+