Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 35:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ka sebele ho tla ba le tsela e khōlō+ moo, tsela ka boeona; e tla bitsoa Tsela ea Khalalelo.+ Ea sa hloekang a ke ke a feta ho eona.+ E tla ba bakeng sa ea tsamaeang tseleng, ’me ha ho maoatla a tla lelera ho eona.

  • Esaia 60:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “Pefo ha e sa tla hlola e utluoa naheng ea heno, tlatlapo kapa thipitlo har’a meeli ea heno.+ Ka sebele u tla bitsa marako a hao Poloko+ le liheke tsa hao Thoriso.

  • Nahume 1:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “Bona! Lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso.+ Uena Juda, keteka mekete ea hao.+ Phetha boitlamo ba hao;+ hobane motho leha e le ofe ea se nang molemo ha a sa tla hlola a feta ho uena.+ Ka sebele o tla felisoa kaofela ha hae.”+

  • Zakaria 14:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Pitsa e ’ngoe le e ’ngoe e molomo o moholo e Jerusalema le Juda e tla ba ntho e halalelang ea Jehova oa mabotho, ’me bohle ba etsang sehlabelo ba tla kena le ho inkela tse ka ho tsona ’me ba tla pheha ka tsona.+ Ha ho sa tla hlola ho e-ba le Mokanana+ ka tlung ea Jehova oa mabotho letsatsing leo.”+

  • Tšenolo 21:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Empa ntho leha e le efe e sa halaleleng le mang kapa mang ea tsoelang pele ka ntho e nyonyehang+ le leshano+ li ke ke tsa kena ho oona ka tsela leha e le efe;+ ho tla kena feela ba ngotsoeng moqolong oa bophelo oa Konyana.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela