-
Nehemia 9:17Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
17 Kahoo ba hana ho mamela,+ ’me ha baa ka ba hopola+ liketso tsa hao tse hlollang tseo u ileng ua li etsa ka bona, empa ba satalatsa melala ea bona+ ’me ba beha eo e leng hlooho+ hore ba khutlele bohlankeng ba bona Egepeta. Empa u Molimo oa liketso tsa tšoarelo,+ ea mosa+ le ea mohau,+ ea liehang ho halefa+ le ea tletseng+ mosa o lerato, ’me ha ua ka ua ba tlohela.+
-
-
Jonase 4:2Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
2 Kahoo a rapela Jehova a re: “Oho! Jehova, na see hase sona seo ke neng ke tšoenyehile ka sona, ha ke sa ntse ke le naheng ea heso? Ke ka lebaka leo ke ileng ka tsoela pele ’me ka balehela Tarshishe;+ etsoe ke ne ke tseba hore u Molimo ea mosa le ea mohau,+ ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato,+ le ea ikutloang a soabile ka lebaka la tlokotsi.+
-