7 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Hoeletsang ka lentsoe le phahameng ho Jakobo ka thabo, ’me le tlerole litlatse ho lihlooho tsa lichaba.+ E phatlalatseng.+ Fanang ka thoriso ’me le re, ‘Jehova, pholosa sechaba sa hao, masala a Iseraele.’+
6 Ke tla etsa hore ba ntlo ea Juda e be ba phahameng, ’me ke tla pholosa ba ntlo ea Josefa.+ Ke tla ba fa bolulo, etsoe ke tla ba bontša mohau;+ ’me ba tla ba joaloka bao ke neng ke sa ba lahla;+ etsoe ke ’na Jehova Molimo oa bona, ’me ke tla ba araba.+