17Elia+ Motishba ea tsoang ho baahi ba Gileade+ a re ho Akabe: “Ka Jehova Molimo oa Iseraele ea phelang+ eo ke emeng+ ka pel’a hae, lilemong tsena ho ke ke ha e-ba le phoka kapa pula,+ haese ka taelo ea lentsoe la ka!”+
19 Ka lebaka leo a tloha moo ’me a fumana Elisha mora oa Shafate a ntse a lema+ ka lipane tse leshome le metso e ’meli ka pel’a hae, ’me eena a le ho sa leshome le metso e ’meli. Kahoo Elia a tšelela ho eena ’me a akhela seaparo sa hae se khethehileng+ holim ’a hae.
15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a romeletsa khahlanong le bona ka manģosa+ a hae, a romeletsa nako le nako, hobane o ne a qenehela batho+ ba hae le sebaka sa hae sa bolulo.+