7 Qetellong Azaria a robala le baholo-holo+ ba hae, ’me ba mo pata le baholo-holo ba hae Motseng oa Davida; mora oa hae Jothame a qala ho busa sebakeng sa hae.+
27Jothame+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a qala ho busa, ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le metso e tšeletseng. Lebitso la ’m ’ae e ne e le Jerusha+ morali oa Tsadoke.