25 Bajuda+ le Baiseraele ba lula ba sireletsehile,+ e mong le e mong tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga,+ ho tloha Dane ho ea Beerseba,+ ka matsatsi ’ohle a Solomone.
16 Le se ke la mamela Ezekiase, kaha sena ke seo morena oa Assyria a se boletseng: “Ineheleng ho ’na+ le tsoele ho ’na ’me e mong le e mong a je tsa sefate sa hae sa morara ’me e mong le e mong a je tsa sefate+ sa hae sa feiga ’me e mong le e mong a noe metsi a seliba sa hae,+
18 Ka sebele ke tla hlaba selekane letsatsing leo bakeng sa bona mabapi le sebata sa naha+ le sebōpuoa se fofang sa maholimo le sehahabi sa lefatše, ’me ke tla felisa seqha le sabole le ntoa naheng,+ ’me ke tla ba robatsa ka tšireletseho.+
4 Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga,+ ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele;+ kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.+