Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Daniele 7:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 A fuoa bobusi+ le ho hlompheha+ le ’muso,+ hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse.+ Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.+

  • Matheu 20:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Jesu a re ho eena: “U batla’ng?” A re ho eena: “Laela hore bara bana ba ka ba babeli ba lule, e mong ka letsohong la hao le letona ’me e mong ka ho le letšehali, ’musong oa hao.”+

  • Matheu 25:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 “Ha Mor’a motho+ a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena,+ joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang.+

  • Luka 18:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 A re ho bona: “Kannete ke re ho lōna, Ha ho ea siileng ntlo kapa mosali kapa barab’abo kapa batsoali kapa bana ka lebaka la ’muso oa Molimo+

  • Luka 22:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 e le hore le ka ja+ le ho noa tafoleng ea ka ’musong+ oa ka, le ho lula literoneng+ ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.

  • 1 Bakorinthe 6:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Kapa na ha le tsebe hore bahalaleli ba tla ahlola+ lefatše?+ Haeba le tla ahlola lefatše, na ha le tšoanelehe ho ahlola litaba tse sa reng letho+ ho hang?

  • Tšenolo 20:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ka bona literone,+ ’me ho ne ho e-na le ba ileng ba lula holim ’a tsona, eaba ba fuoa matla a ho ahlola.+ E, ka bona meea ea ba bolailoeng ka selepe ka lebaka la bopaki boo ba ileng ba pakela Jesu ka bona le ka lebaka la ho bua ka Molimo, le ba neng ba sa rapela sebata+ kapa setšoantšo+ sa sona le ba neng ba sa amohela letšoao liphatleng tsa bona le matsohong a bona.+ Ba phela eaba ba busa e le marena+ le Kreste ka lilemo tse sekete.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela