Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jobo 31:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Haeba ke entse khauta tšepo ea ka,

      Kapa ke itse ho khauta, ‘U tšepo+ ea ka!’

  • Pesaleme 17:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 U mpholose ho batho, ka letsoho la hao, Jehova,+

      Ho batho ba tsamaiso+ ena ea lintho, bao kabelo ea bona e leng bophelong bona,+

      Le bao limpa tsa bona u li tlatsang ka letlotlo la hao le patiloeng,+

      Ba khotsofetseng ka bara+

      Le ba bolokelang bana ba bona seo ba se sieang.+

  • Pesaleme 52:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Ke enoa monna ea shahlileng ea sa etseng Molimo qhobosheane ea hae,+

      Empa a tšepa maruo a hae a mangata,+

      Ea itšireletsang litsietsing tse bakoang ke eena.+

  • Pesaleme 62:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Le se ke la tšepa bolotsana,+

      Kapa la ikakasa tlatlapong e totobetseng.+

      Haeba mokhoa oa ho iphelisa o ka atleha, le se ke la beha lipelo tsa lōna ho oona.+

  • Jeremia 9:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Monna ea bohlale a se ke a ithorisa ka lebaka la bohlale ba hae,+ le monna ea matla a se ke a ithorisa ka lebaka la matla a hae.+ Morui a se ke a ithorisa ka lebaka la maruo a hae.”+

  • 1 Timothea 6:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Fana ka litaelo ho ba ruileng+ tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa,+ le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong+ a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele;+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela