Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 45:sehlooho-17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • Ho motsamaisi malebana le Likhahla. Ea bara ba Kora. Maskile. Pina ea basali ba ratoang.

      45 Pelo ea ka ea tlōla-tlōla ka lebaka la taba e khahlisang.+

      Ke re: “Mesebetsi ea ka e malebana le morena.”+

      E se eka leleme la ka e ka ba pene+ ea mokopitsi ea nang le tsebo.+

       2 Ka sebele u motle ho feta bara ba batho.+

      Khahleho e tšolletsoe holim’a molomo oa hao.+

      Ke ka lebaka leo Molimo a u hlohonolofalitseng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

       3 Tlama sabole+ ea hao seropeng, Uena ea matla,+

      Hammoho le ho hlompheha ha hao le bokhabane ba hao.+

       4 Ka bokhabane ba hao u tsoele pele ho atleha;+

      Palama molemong oa ’nete le boikokobetso le ho loka,+

      Letsoho la hao le letona le tla u rupela ka lintho tse tšabehang.+

       5 Metsu ea hao e bohale—lichaba li ntse li oela tlas’a hao+—

      Lipelong tsa lira tsa morena.+

       6 Molimo ke terone ea hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng;+

      Lere la borena ba hao ke lere la borena la ho loka.+

       7 U ratile ho loka+ ’me u hloile bokhopo.+

      Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao,+ a u tlotsitseng+ ka oli ea thabo e khaphatsehang+ ho feta balekane ba hao.+

       8 Liaparo tsohle tsa hao ke myra le lekhala le kasia;+

      Ho tsoa ntlong e khōlō ea ’muso ea lenaka la tlou+ liletsa tse likhoele li u thabisitse.

       9 Barali+ ba marena ba har’a basali ba hao ba bohlokoa.

      Mofumahali+ o eme ka letsohong la hao le letona ka khauta ea Ofire.+

      10 Mamela, Uena morali, ’me u bone, u be u sekehe tsebe;

      Lebala batho ba heno le ntlo ea ntat’ao.+

      11 Morena o tla hloloheloa botle ba hao,+

      Etsoe ke khosi ea hao,+

      Kahoo u mo inamele.+

      12 Le morali oa Tyre ka mpho+—

      Barui ba sechaba ba tla nolofatsa sefahleho sa hao.+

      13 Morali oa morena o khanya haholo ka har’a ntlo;+

      Liaparo tsa hae li khabisitsoe ka khauta.

      14 O tla tlisoa ho morena ka seaparo se lohiloeng.+

      Baroetsana ba mokolokong oa hae e le metsoalle ea hae ba ntse ba tlisoa ho uena.+

      15 Ba tla tlisoa ka thabo le nyakallo;

      Ba tla kena ka tlung ea ’muso ea morena.

      16 Bara+ ba hao ba tla ba sebakeng sa baholo-holo+ ba hao,

      Bao u tlang ho ba beha e le likhosana lefatšeng lohle.+

      17 Ke tla bolela lebitso la hao ho pholletsa le meloko eohle e tlang.+

      Ke ka lebaka leo lichaba li tla u roka ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.

  • Matheu 22:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “’Muso oa maholimo o joaloka motho, morena, ea ileng a etsetsa mora oa hae mokete oa lenyalo.+

  • 2 Bakorinthe 11:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Etsoe ke le boulela ka poulelo+ ea bomolimo, kaha ke ile ka etsa tšepiso ea ho le nyalisa+ monna+ a le mong e le hore nka le hlahisa joaloka moroetsana ea hloekileng+ ho Kreste.+

  • Tšenolo 19:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 A re thabeng ’me re nyakalle, ’me re mo tlotliseng,+ hobane lenyalo+ la Konyana le fihlile+ ’me mosali oa eona o itokisitse.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela