9 Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae,+ joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.+
10 Ba hoeletsa ka lentsoe le phahameng, ba re: “’Musi Morena+ ea halalelang le oa ’nete,+ u tla ithiba ho fihlela neng ho ahlola+ le ho pheteletsa mali+ a rōna holim ’a ba lulang lefatšeng?”