Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 53:1-12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 53 Ke mang ea behileng tumelo nthong eo re e utloileng?+ Ha e le letsoho la Jehova,+ le senoletsoe mang?+ 2 O tla hlaha joaloka lekala+ ka pel’a e mong, le joaloka motso naheng e se nang metsi. Ha a na sebōpeho se nang le seriti, leha e le bokhabane;+ ’me ha re mo bona, ha a na ponahalo e tla etsa hore re mo labalabele.+

      3 O ile a nyelisoa ’me a qojoa ke batho,+ motho ea reretsoeng bohloko le ho tloaelana le boloetse.+ E ne eka re pateloa sefahleho sa hae.+ O ile a nyelisoa, ’me ra mo nka e se oa bohlokoa.+ 4 Kannete o ile a jara maloetse a rōna;+ ’me ha e le bohloko ba rōna, o ile a bo jara.+ Empa ra lekanya hore oa otloa,+ o hlokofatsoa ke Molimo+ ’me oa hlorisoa.+ 5 Empa o ne a hlajoa+ ka lebaka la litlōlo tsa rōna;+ o ne a hatelloa ka lebaka la liphoso tsa rōna.+ Chapo e reretsoeng hore re be le khotso e bile holim ’a hae,+ ’me re fumane pholiso+ ka lebaka la maqeba a hae.+ 6 Re lelerile kaofela joaloka linku;+ e mong le e mong oa rōna o ile a leba tseleng ea hae; ’me Jehova o entse hore phoso ea rōna e tobane le eena.+ 7 O ile a ba tsietsing,+ ’me a itumella hore a hlorisoe;+ leha ho le joalo o ne a sa ahlamise molomo. O ne a tlisoa joaloka nku tlhabong;+ ’me joaloka nku e tšehali e fetohileng semumu ka pel’a bakuti ba eona, le eena o ne a sa ahlamise molomo.+

      8 O ile a tlosoa ka lebaka la thibelo le kahlolo;+ ’me ke mang ea tla nahanisisa ka lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae?+ Etsoe o ile a tlosoa+ naheng ea ba phelang.+ O ile a fumana chapo+ ka lebaka la tlōlo+ ea sechaba sa ka. 9 O tla etsa sebaka sa hae sa lepato hammoho le ba khopo,+ le sehlopha sa barui lefung la hae,+ ho sa tsotellehe hore o ne a sa etsa pefo+ ’me ho se na thetso molomong oa hae.+

      10 Empa Jehova o ile a thabela ho mo sithabetsa;+ o ile a mo kulisa.+ Haeba u tla beha moea oa hae e le nyehelo+ ea molato, o tla bona bana ba hae,+ o tla lelefatsa matsatsi a hae,+ ’me se thabeloang+ ke Jehova se tla atleha letsohong la hae.+ 11 Ka lebaka la khathatso ea moea oa hae o tla bona,+ a khotsofale.+ Ka lebaka la tsebo ea hae ea lokileng, mohlanka oa ka,+ o tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata;+ ’me o tla jara liphoso tsa bona.+ 12 Ka lebaka leo ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata,+ ’me thepa ea hae e hapuoeng o tla e arolelana le ba matla,+ ka lebaka la hore o tšolotse moea oa hae lefung,+ ’me o ile a balelloa le batlōli;+ o jere libe tsa batho ba bangata,+ ’me a kena lipakeng bakeng sa batlōli.+

  • Daniele 9:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 “Ka mor’a libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli Mesia o tla tlosoa,+ ho se letho bakeng sa hae.+

      “Sechaba sa moeta-pele ea tlang se tla senya+ motse le sebaka se halalelang.+ Se tla felisoa ka moroallo. Ho fihlela bofelong ho tla ba le ntoa; se etselitsoeng qeto ke ho etsa masupi.+

  • Liketso 4:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 e le hore ba etse lintho tseo letsoho le morero oa hao o neng o li khethile esale pele hore li etsahale.+

  • 1 Petrose 1:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ba ’na ba tsoela pele ho batlisisa hore na ke nako efe+ kapa ke nako ea mofuta ofe eo moea+ o ho bona o neng o e supa malebana le Kreste+ ha o ne o paka esale pele ka litlhokofatso tsa Kreste+ le ka khanya+ e tla latela tsena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela