24 Ntate, ha e le ka seo u mphileng sona, ke lakatsa hore, moo ke leng teng, le bona ba ka ba le ’na,+ e le hore ba bone khanya ea ka eo u mphileng eona, hobane u nthatile pele lefatše+ le thehoa.+
17 Joale, haeba re bana, re boetse re majalefa: ka sebele re majalefa a Molimo, empa majalefa+ hammoho le Kreste, hafeela re utloa bohloko+ hammoho e le hore re ka boela ra tlotlisoa hammoho.+
23 Ke tlas’a khatello ka lebaka la lintho tsena tse peli;+ empa seo ke hlileng ke se lakatsang ke ho lokolloa le ho ba le Kreste,+ kaha ka sebele, sena se molemo haholo.+
16 hobane Morena o tla theoha leholimong+ ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong+ le ka terompeta ea Molimo,+ ’me ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele.+
8 Ho tloha nakong ena ho ea pele ke boloketsoe moqhaka oa ho loka,+ oo Morena, moahloli+ ea lokileng, a tla ’neha oona e le moputso+ ka letsatsi leo,+ empa leha ho le joalo eseng ’na feela, empa le bohle ba ratileng ponahalo ea hae.