Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 11:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 “‘Ke sena feela seo le ke keng la se ja har’a tse busolosang le tse nang le khōla e arohaneng: kamele, hobane ea busolosa empa ha e na khōla e arohaneng. Ha ea hloeka bakeng sa lōna.+

  • Levitike 11:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 “‘Tsena ke tseo le tla li nyonya har’a libōpuoa tse fofang.+ Ha lia lokela ho jeoa. Ke ntho e nyonyehang: ntsu+ le phakoe e jang litlhapi le lenong le letšo,

  • Levitike 20:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Le khetholle pakeng tsa phoofolo e hloekileng le e sa hloekang le pakeng tsa nonyana e sa hloekang le e hloekileng;+ ’me le se ke la etsa hore meea ea lōna e be e nyonyehang+ ka lebaka la phoofolo le nonyana le ntho leha e le efe e tsamaeang lefatšeng eo ke e arotseng ho lōna ka ho bolela hore ha ea hloeka.

  • Deuteronoma 14:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “Le se ke la ja ntho e manyala ea mofuta leha e le ofe.+

  • Deuteronoma 14:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Sebōpuoa se seng le se seng se nyekenyehang se nang le mapheo ha sea hloeka bakeng sa lōna.+ Ha lia lokela ho jeoa.

  • Ezekiele 4:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Eaba ke re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Bona! Moea oa ka ha oa silafala;+ leha e le hore nkile ka ja ntho e seng e shoele kapa phoofolo e rusolotsoeng ho tloha bocheng ba ka,+ esita le ho fihlela joale, ’me molomong oa ka ha hoa kena nama e silafetseng.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela