28 eaba o re ho bona: “Le tseba hantle kamoo ho sa lumelloeng ke molao hore Mojuda a ikopanye le motho oa morabe o mong+ kapa a mo atamele; leha ho le joalo Molimo o mpontšitse hore ha kea lokela ho re motho o silafetse kapa ha aa hloeka.+
14 Kea tseba ’me ke kholisehile ho Morena Jesu hore ha ho letho le silafetseng;+ hafeela motho a nahana hore ho hong ho silafetse, ho silafetse ho eena.+
15 Lintho tsohle li hloekile ho batho ba hloekileng.+ Empa ho batho ba silafetseng+ le ba se nang tumelo+ ha ho letho le hloekileng, empa likelello tsa bona hammoho le matsoalo+ a bona a silafetse.