36 Joale, le lule le falimehile+ ka nako eohle le etsa thapeli+ e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse reretsoeng hore li etsahale, le ho ema ka pel’a Mor’a motho.”+
34 Tsohang le hlaphoheloe+ ka tsela e lokileng ’me le se ke la tloaela ho etsa sebe, etsoe ba bang ha ba na tsebo ea Molimo.+ Ke bua ho le susumelletsa ho hlajoa ke lihlong.+
6 Kahoo, joale, a re se keng ra tsoela pele ho robala+ joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala,+ empa a re luleng re falimehile+ ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.+