6 Joale ebang re matšoenyehong, ke bakeng sa matšeliso a lōna le poloko+ ea lōna; kapa ebang re ntse re tšelisoa, ke bakeng sa matšeliso a lōna a sebetsang ho etsa hore le mamelle litlhokofatso tse tšoanang tseo le rōna re utloisoang bohloko ke tsona.+
17 Ho sa tsotellehe seo, esita le haeba ke ntse ke tšolloa joaloka nyehelo ea seno+ holim ’a sehlabelo+ le tšebeletso ea phatlalatsa eo tumelo e le isitseng ho eona,+ kea nyakalla+ ’me ke thaba le lōna kaofela.
24 Joale kea thaba litlhokofatsong tsa ka ka lebaka la lōna,+ ’me ke tlatselletsa se haellang matšoenyehong+ a Kreste nameng ea ka bakeng sa ’mele oa hae, oo e leng phutheho.+
8 Kahoo, re e-na le lerato le mofuthu bakeng sa lōna,+ ha rea ka ra khahloa ke ho le fa litaba tse molemo feela tsa Molimo, empa le meea+ ea rōna, hobane le bile ba ratoang+ ho rōna.
17 Mamelang ba etellang pele har’a lōna+ ’me le ipehe tlaase,+ kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella;+ e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.+