9 Leha ho le joalo, ha le tumellanong le nama, empa le tumellanong le moea,+ haeba kannete moea oa Molimo o lula ho lōna.+ Empa haeba mang kapa mang a se na moea+ oa Kreste, enoa hase oa hae.
23 Eseng hoo feela, empa le rōna ba nang le litholoana tsa pele,+ e leng, moea, e, re bobola+ ka hare ho rōna, ha re ntse re letetse ka tieo ho nkeloa ka lapeng re le bara,+ tokollo ’meleng ea rōna ka thekollo.
13 Etsoe kannete ka moea o le mong bohle re ile ra kolobetsoa+ ho kena ’meleng o le mong, ebang re Bajuda kapa re Bagerike, ebang re makhoba kapa re lokolohile, ’me bohle re ile ra noesoa+ moea o le mong.