Hosea 1:10 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 10 “Palo ea bara ba Iseraele e tla ba joaloka lehlabathe la leoatle le ke keng la lekanngoa kapa la baloa.+ Sebakeng seo ho sona ho neng ho tloaetsoe hore ho thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’+ ho tla thoe ho bona, ‘Bara ba Molimo ea phelang.’+ Johanne 1:12 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 12 Leha ho le joalo, ba bangata ba ileng ba mo amohela,+ o ile a ba fa matla a ho ba bana+ ba Molimo, hobane ba ne ba bontša tumelo lebitsong+ la hae; Baroma 8:14 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 14 Etsoe bohle ba tataisoang ke moea oa Molimo, bana ke bara+ ba Molimo.
10 “Palo ea bara ba Iseraele e tla ba joaloka lehlabathe la leoatle le ke keng la lekanngoa kapa la baloa.+ Sebakeng seo ho sona ho neng ho tloaetsoe hore ho thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’+ ho tla thoe ho bona, ‘Bara ba Molimo ea phelang.’+
12 Leha ho le joalo, ba bangata ba ileng ba mo amohela,+ o ile a ba fa matla a ho ba bana+ ba Molimo, hobane ba ne ba bontša tumelo lebitsong+ la hae;