2 Empa Faro a re: “Jehova ke mang,+ hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee?+ Ho hang ha ke tsebe Jehova+ ’me, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.”+
13 Ha e le uena, u itse ka pelong ea hao, ‘Ke tla nyolohela maholimong.+ Ke tla phahamisetsa terone+ ea ka holim ’a linaleli+ tsa Molimo, ’me ke tla lula thabeng ea pokano,+ likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa leboea.+
25 O tla bua esita le mantsoe khahlanong le Ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ ’me o tla tsoela pele ho tšoenya bahalaleli ba Ea Holimo-limo.+ O tla rera ho fetola linako+ le molao,+ ’me ho tla nehelanoa ka bona letsohong la hae ka nako, le linako le halofo ea nako.+