18 Bahlorisi ba ka ba ke ba hlabisoe lihlong,+ empa ’na ke se ke ka hlabisoa lihlong.+ E be bona ba tšohang, empa ’na ke se ke ka tšoha. Ba tlisetse letsatsi la tlokotsi,+ ’me u ba robe ka tšenyo e fetang eo habeli.+
21 “Futuhelang naha ea Merathaime—futuhelang eona+ le baahi ba Pekode.+ Ho ke ho be le ho rinya le ho nehela timetso haufi le bona,” ho bolela Jehova, “’me le etse ho ea ka sohle seo ke le laetseng sona.+