-
1 Samuele 17:46Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
46 Letsatsing lena Jehova o tla nehelana ka uena letsohong la ka,+ ’me ka sebele ke tla u bolaea ’me ke u khaole hlooho; ka sebele letsatsing lena ke tla fa linonyana tsa maholimo le libata tsa naha litopo tsa batho ba lulang liahelong tsa Bafilista;+ batho ba lefatše lohle ba tla tseba hore ho na le Molimo oa Iseraele.+
-
-
Ezekiele 39:17Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
17 “Ha e le uena, mor’a motho, sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘E-re ho linonyana tsa mapheo a mefuta eohle le ho libata tsohle tsa naha:+ “Phuthehang ’me le tle. Bokanang ka hohle sehlabelong sa ka, seo ke le hlabelang sona, sehlabelo se seholo lithabeng tsa Iseraele.+ Ka sebele le tla ja nama le noe mali.+
-