-
Genese 42:21, 22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Ba buisana ba re: “Re ahloloa ka lebaka la ngoan’abo rona+ hobane re bone kamoo a neng a utloile bohloko kateng ha a ne a kopa hore re mo qenehele empa ha rea ka ra mamela. Ke ka lebaka leo re hlahetsoeng ke tlokotsi ena.” 22 Rubene a re: “Na ha kea re le se ke la etsa ngoana hampe? Empa ha lea ka la ’mamela.+ Joale re ikarabella ho Molimo ka seo re se entseng.”*+
-