-
Deuteronoma 33:13-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
“E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa naha ea hae+
Ka lintho tse ntle tsa leholimo,
Ka phoka le ka metsi a tsoang lilibeng tse tlas’a lefatše,+
14 Ka lintho tse ntle tse hlahisitsoeng ke letsatsi
Le ka tse ntle tse hlahang khoeli le khoeli,+
15 Ka lintho tse ntle ka ho fetisisa tse tsoang lithabeng tsa khale*+
Le ka lintho tse ntle tsa maralla a teng ka ho sa feleng,
16 Ka lintho tse ntle tsa lefatše le tsohle tseo le li hlahisang+
Le ka tumello ea ea lutseng lihlahleng tse meutloa.+
E se eka li ka tla hloohong ea Josefa,
Hloohong ea ea khethiloeng har’a bana babo.+
17 Matla a hae a joaloka a letsibolo la poho,
Manaka a hae ke manaka a poho e hlaha.
O tla sutumetsa* lichaba ka tsona
Kaofela ha tsona ho ea likarolong tse hole tsa lefatše.
Ke ba likete tse mashome ba Efraime,+
Ke ba likete ba Manase.”
-