Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 6:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ena ke histori ea Noe.

      Noe e ne e le motho ea lokileng.+ O ne a se na molato* har’a batho ba mehleng ea hae. Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.+

  • Baheberu 10:38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 “Empa mohlanka oa ka ea lokileng o tla phela hobane a e-na le tumelo”+ feela “ha a ka checha, nke ke ka thaba.”+

  • Baheberu 11:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Kaha Noe o ne a e-na le tumelo,+ ka mor’a hore Molimo a mo bolelle lintho tse tl’o etsahala tse neng li e-s’o ka li bonoa,+ o ile a bontša hore o hlompha Molimo ka hore a hahe areka+ e le hore a pholose eena le ba lelapa la hae. Ka tumelo ea hae o ile a bontša hore lefatše le ne le tšoanela ho felisoa+ ’me ha thoe o lokile ka lebaka la tumelo.

  • 1 Petrose 3:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Mahlo a Jehova* a shebile batho ba lokileng, litsebe tsa hae li mamela sello sa bona ha ba kopa thuso+ empa Jehova* o hloile ba etsang lintho tse mpe.”+

  • 2 Petrose 2:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Hape o ile a otla batho ba lefatše la khale+ empa a sireletsa Noe ea neng a phatlalatsa litaba tse lokileng+ hammoho le ba bang ba supileng+ ha a ne a tlisa moroallo lefatšeng la batho ba sa rateng Molimo.+

  • 2 Petrose 2:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Jehova* o tseba ho pholosa batho ba mo sebeletsang ka botšepehi mathateng+ hape o tseba ho boloka ba sa lokang e le hore a tle a ba felise ka letsatsi la kahlolo,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela