Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 13:14, 15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ka mor’a hore Lota a arohane le Abrame, Jehova a re ho Abrame: “Ke kopa hore sebakeng seo u leng ho sona u shebe ka leboea, ka boroa, ka bochabela le ka bophirimela. 15 Naha eohle eo u e bonang ke tla e fa uena le bana* ba hao hore e be ea lona ka ho sa feleng.+

  • Genese 26:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Lula naheng ena u le molichaba,+ ke tla ba le uena ’me ke u hlohonolofatse. Ke tla fa uena le bana* ba hao linaha tsena kaofela+ ’me ke phethahatse kano eo ke e entseng ho ntate oa hao Abrahama+ ha ke ne ke re: 4 ‘Ke tla etsa hore bana* ba hao ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo+ ’me ke tla ba fa linaha tsena tsohle.+ Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la bana* ba hao’+

  • Deuteronoma 34:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Eaba Jehova o re ho eena: “Ena ke naha eo ke e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo ka re, ‘Ke tla e fa litloholo* tsa hao.’+ Ke u lumelletse hore u e bone empa u ke ke oa tšelela ho eona.”+

  • Liketso 7:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 A tloha naheng ea Bakalde a ea lula Harane. Ka mor’a hore ntate oa hae a shoe,+ Molimo a re a fallele naheng ena eo le lulang ho eona hona joale.+ 5 Ha a le moo, Molimo ha aa ka a mo fa lefa ho hang, leha e se e le sebakanyana sa hore a behe leoto. Empa a tšepisa ho fana ka naha eo e le lefa ho bana* ba hae+ le hoja a ne a e-s’o be le bana ka nako eo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela