-
Exoda 31:2-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 “Ke khethile* Bezaliele+ mora oa Uri mora oa Hure oa leloko la Juda.+ 3 Ke tla mo fa moea oa ka e le hore a ka ba bohlale, a be le kutloisiso le tsebo ea ho etsa mesebetsi eohle ea matsoho, 4 a qape lisebelisoa, a sebetse ka khauta, silevera le koporo, 5 a betle majoe a bohlokoa le ho a kenya liluloaneng+ le hore a etse thepa ea mefuta eohle ea lepolanka.+ 6 Ho feta moo, ke khethile Oholiabe+ mora oa Ahisamake oa leloko la Dane hore a mo thuse. Ke tla etsa hore bohle ba nang le tsebo ea mosebetsi oa matsoho ba be bohlale* e le hore ba ka etsa lintho tsohle tseo ke u laetseng tsona:+
-