Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 26:1-6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 U roke masela a tente a leshome ka line e lohiloeng ea boleng bo botle, khoele e putsoa, ulu e pherese le lesela le lefubelu bakeng sa tabernakele.+ U rokelle mokhabiso+ oa likerubime+ holim’a oona. 2 Lesela ka leng la tente le tla ba bolelele ba limithara tse ka bang 12* ’me le be bophara ba limithara tse ka bang peli.* Masela ’ohle a tente a lekane.+ 3 U kopanye masela a mahlano hore u etse lesela le le leng le leholo ’me u etse se tšoanang le ka masela a mang a mahlano e le hore ho tle ho be le masela a mabeli a maholo. 4 Qetellong ea lesela le leng le le leng le leholo, u rokelle likhoketsane* ka khoele e putsoa e le hore masela ana a mabeli a ka khona ho kopanngoa. 5 U etse likhoketsane tse 50 leseleng le leng le leholo la tente le likhoketsane tse 50 qetellong ea lesela le leng hape le leholo la tente e le hore likhoketsane li shebane moo li tl’o kopanngoa teng. 6 U etse lihakisi tse 50 tsa khauta ebe u kopanya masela a tente ka tsona ’me tabernakele e tla ba ntho e le ’ngoe.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela