-
Exoda 26:7-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 U boele u etse masela a tente a 11+ a entsoeng ka boea ba poli+ ho koahela lesela la line le holim’a tabernakele. 8 Lesela ka leng la tente le be bolelele ba limithara tse ka bang 13* le bophara ba limithara tse ka bang peli.* Masela ’ohle a tente a 11 a lekane. 9 U kopanye masela a mahlano a tente hore e be lesela le le leng le leholo. U kopanye le masela a mang a tšeletseng a tente hore e be lesela le le leng le leholo. U mene lesela la botšelela la tente karolong e ka pele ea tente. 10 U etse likhoketsane* tse 50 qetellong ea lesela le leng le leholo la tente le likhoketsane tse 50 qetellong ea lesela le leng hape le leholo la tente moo masela ana a kopanang teng. 11 U etse lihakisi tse 50 tsa koporo ’me u kenye lihakisi likhoketsaneng* ebe u kopanya masela a tente ebe a etsa ntho e le ’ngoe e koahelang tabernakele.
-