Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 9:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Haeba u sa se tlohele, ke tla otla uena le bahlanka ba hao le sechaba sa hao ka likotlo tsa ka kaofela e le hore u tsebe hore ha ho na motho ea tšoanang le ’na lefatšeng lohle.+

  • Exoda 15:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ke molimo ofe har’a melimo ea joaloka uena, Jehova?+

      Ke mang ea joaloka uena, ea halalelang ka ho fetisisa?+

      U lokela ho tšajoa le ho rorisoa ka lipina, uena ea etsang lintho tse makatsang.+

  • Pesaleme 83:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 E se eka batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova,+

      Ke uena feela Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.+

  • Pesaleme 86:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Ha ho na molimo ea tšoanang le uena Jehova,+

      Ha ho na ea entseng lintho tse tšoanang le tseo u li entseng.+

  • Esaia 46:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Hopolang lintho tse fetileng* tsa mehleng ea khale

      Hore ke ’na Molimo* ’me ha ho na Molimo e mong.

      Ke ’na Molimo ’me ha ho ea tšoanang le ’na.+

  • Jeremia 10:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ha ho ea tšoanang le uena Jehova.+

      U moholo le lebitso la hao le leholo ebile le matla.

       7 Ke mang ea sa lokelang ho u tšaba, uena Morena oa lichaba?+ U lokela ho tšajoa.

      Har’a batho bohle ba bohlale ba lichaba le har’a mebuso eohle ea bona,

      Ho hang ha ho ea tšoanang le uena.+

  • Baroma 9:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Lengolo le re ho Faro: “Ke u bolokile u phela ka lebaka lena: Hore ke bontše matla a ka ka uena le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela